Jeremia 15:19-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.

20. Ke tla o etsa lerako la koporo le thata ho setjhaba sena. Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke ntse ke na le wena ho o pholosa le ho a namolela, ho bolela Jehova.

21. Mme ke tla nne ke o namolele matsohong a ba babe, ke o lwele matleng a bahale.

Jeremia 15