Jeremia 15:11-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi!

12. Na tshepe e ka roba tshepe e tswang nqa leboya le yona koporo na?

13. Dintho tsa hao le letlotlo la hao ke ya di neela ho hapjwa, theko e be siyo, ka baka la dibe tsa hao tsohle tse meeding ya hao yohle.

14. Mme ke tla di fihlisa hammoho le bao e leng dira ho wena lefatsheng leo o sa le tsebeng, hobane mollo o tukile kgalefong ya ka, o le tuketse.

15. Wena Jehova, o tseba tsohle, o nne o nkgopole, o ntlhokomele, o mpheteletse ho ba ntlhorisang. Mamellong e kgolo ya hao o se ke wa ntlosa; o ke o lemohe hobane ke jere sekgobo ka baka la hao.

Jeremia 15