1. Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.
2. Etlere ha ba re ho wena: Ana re tswele kae? O ba fetole, o re: Ho itswe ke Jehova: Ba loketsweng ke lefu ba tswele lefung, ba loketsweng ke lerumo ba tswele lerumong, ba loketsweng ke tlala ba tswele tlaleng, ba loketsweng ke kgoleho ba tswele kgolehong.
3. Ke tla bea dikotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova; e tla ba lerumo ho bolaya, le dintja ho harola, le manong a lehodimo, le dibatana tsa lefatshe ho ja le ho senya.
4. Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.
5. Hobane ke mang ya ka o hauhelang, Jerusalema, kapa ke mang ya ka o utlwelang bohloko, kapa ke mang ya ka fapohelang ho ya botsa kamoo o ntseng o phela kateng?
6. O ntlohetse, ho bolela Jehova, o kgutlile kasanthao; ka baka leo, ke otlolotse letsoho la ka hodima hao, ke tle ke o fedise; ke se ke kgathetse ke ho rekolohela.
7. Ke ba olosa ka seoloso dikgorong tsa naha, ke timetsa ba batjha ba setjhaba sa ka, le sona ke a se fedisa, hobane ha se bakele mekgwa ya sona.
8. Basadi ba bahlolohadi ba bona ba bangata pela ka ka ho fetisa lehlabathe la lewatle; ke tlisitse mosenyi ya senyang motshehare ho ba lwantsha, ho lwantsha mma ba batjha; ke dihetse thothomelo le tlakaselo hodima bona ka sehloho.
9. Ya tswetseng ba supileng o tepeletse, o se a ya shwa; o phirimetswe ke letsatsi la hae e sa le motshehare, o hlabiswa dihlong, o swabile; mme masala a bona ke tla a neela lerumo pela bao e leng dira ho bona: ho bolela Jehova.
10. Ho madimabe nna, mme, ha o ntswetse ke le motho ya kgang le wa tseko ho lefatshe lena lohle; ha ke a ka ka adima letho, mme ha ke a ka ka adingwa letho; leha ho le jwalo, ba nthohaka kaofela.
11. Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi!
12. Na tshepe e ka roba tshepe e tswang nqa leboya le yona koporo na?