Jeremia 14:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke lona lentswe la Jehova le kileng la tla ho Jeremia ka baka la dikomello.

2. Juda o a lla, diphutheho tse dulang dikgorong tsa metse ya hae di fokotse, di ituletse, lefatshe le swabile, mme mohoo wa Jerusalema o a nyoloha.

3. Benghadi ba roma bafo ba bona metsing, ba ya mameneng ba sa fumane metsi, ba kgutla dipitsa di le feela, ba hlabiswa dihlong, ba swabile, ba ikgurumeditse dihlooho.

4. Balemi ba hlabiswa dihlong, ba ikgurumeditse dihlooho, hobane naha e maketse, ke hobane pula e sa ne lefatsheng.

5. Esita le tholo e naheng e a tswala, mme e lahla namane, hobane botala ha bo yo.

6. Le dipitsi di eme marallaneng, di fofonela moya jwaloka diphokojwe, mahlo a tsona a eba, hobane ha ho jwang bo botala.

7. Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.

8. Tshepo ya Iseraele, mopholosi wa hae tsatsing la tsietsi, na o ya ba jwaloka moditjhaba lefatsheng, kapa jwaloka moeti ya fapohang tsela ho hlola bosiu feela na?

9. Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.

10. Ho itswe ke Jehova ho setjhaba sena: Ba rata ho phaila, ha ba kganne maoto a bona, ke moo Jehova a sa kgahlisweng ke bona, mme jwale o tla hopola makgopo a bona, a kgalemele dibe tsa bona.

Jeremia 14