Jeremia 13:8-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Yaba lentswe la Jehova le tla ho nna, la re:

9. Ho itswe ke Jehova: Ke tla bodisa bokgabane ba Juda jwalo, le bokgabane ba Iseraele bo boholoholo.

10. Setjhaba sena se kgopo se hanang ho utlwa lentswe la ka, se tsamayang ka ditakatso tsa pelo ya sona, se latelang medimo ya ditjhaba ho e sebeletsa le ho e kgumamela, se tla ba jwaloka senyepa sena se se nang thuso;

11. hobane jwalokaha senyepa se kgomaretse letheka la motho, ke ne ke ikgomarediseditse ntlo yohle ya Iseraele le ya Juda jwalo, ho bolela Jehova, hore ka bona ke bone setjhaba, le botumo, le dithoko, le tlotliso. Empa ba hanne ho utlwa.

12. O boele o ba bolelle lentswe lena: Ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele: Pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale. Mme ba tla re ho wena: Na ha re tsebe le rona, hore pitsa e nngwe le e nngwe e tla tshelwa veine, e tlale na?

13. Ha ho le jwalo, ere ho bona: Jehova o re: Bonang, baahi kaofela ba lefatshe lena, le marena a dutseng teroneng ya Davida, le baprista, le baporofeta, le baahi kaofela ba Jerusalema, ke tla ba tlatsa ka seno se tahang;

14. ke thulanye e mong le wa habo, banna le bara hammoho, ho bolela Jehova. Nke ke ka ba le mohau, leha e le ho qenehela, leha e le ho hauhela hore ke se ba timetse.

15. Utlwang, le mamele; le se ke la ithorisa, hobane ho bua Jehova.

16. Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.

17. Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.

18. Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.

19. Metse e nqa borwa e kwaletswe, mme ha ho ya e bulang; Juda kaofela o iswa kgolehong, o iswa kaofela kgolehong.

20. Emisa mahlo a hao, o tadime ba tswang nqa leboya. O kae mohlape oo o neng o o neilwe, mohlape wa letlotlo la hao?

21. O tla reng, mohla o otlwang? Empa ke wena ya ba lemaleditseng ho o busa jwaloka hoja o le matleng a bona. Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko, jwaloka mosadi ya belehang?

22. Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.

23. Na Moethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba jwalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemaleditseng ho etsa hampe.

Jeremia 13