16. Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.
17. Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.
18. Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.
19. Metse e nqa borwa e kwaletswe, mme ha ho ya e bulang; Juda kaofela o iswa kgolehong, o iswa kaofela kgolehong.
20. Emisa mahlo a hao, o tadime ba tswang nqa leboya. O kae mohlape oo o neng o o neilwe, mohlape wa letlotlo la hao?
21. O tla reng, mohla o otlwang? Empa ke wena ya ba lemaleditseng ho o busa jwaloka hoja o le matleng a bona. Na o ke ke wa tshwarwa ke bohloko, jwaloka mosadi ya belehang?
22. Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.
23. Na Moethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba jwalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemaleditseng ho etsa hampe.
24. Empa ke tla ba qhalanya jwaloka mooko o kgoholwang ke moya wa lefeella.
25. Eo ke kabelo ya hao, karolo eo ke o lekanyetsang yona, ho bolela Jehova, hobane o hlile wa ntebala, mme o itshepetse leshano.
26. Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.
27. Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!