Jeremia 13:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka bolellwa ke Jehova, ha thwe: Eya, o ithekele senyepa sa lene, o itlame letheka ka sona, o mpe o se ke wa se ina metsing.

2. Yaba ke ithekela senyepa ka taelo ya Jehova, ka itlama letheka ka sona.

3. Yaba lentswe la Jehova le tla ho nna la bobedi, la re:

4. Nka senyepa seo o se rekileng, se thekeng la hao, o tlohe, o ye Eufrate, o se pate teng lefarung la lefika.

5. Ka ya jwalo, ka se pata pela Eufrate, jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.

6. Kamora tshiu tse ngata, Jehova a re ho nna: Tloha, o ye Eufrate, o nke teng senyepa seo ke neng ke o laele hore o se pate teng.

7. Yaba ke ya Eufrate, ka tjheka, ka nka senyepa hona moo ke neng ke se patile; mme bonang, senyepa se ne se bodile, se se se se na thuso.

Jeremia 13