12. Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.
13. Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.
14. Ho itswe ke Jehova bakeng sa ba bapileng le nna kaofela, ba babe ba hapileng lefa la ka, leo ke neng ke le abetse setjhaba sa ka sa Iseraele: Bonang, ke ya ba epolla lefatsheng la bona, le ntlo ya Juda ke tla be ke e epolle hara bona.
15. Empa ha ke se ke ba epolotse, ke sa tla boela ke ba hauhele; ke tla ba busetsa e mong le e mong lefeng la hae, e mong le e mong naheng ya hae.