10. Badisa ba bangata ba sentse tshimo ya ka ya morara, ba hataketse tshimo ya ka, tshimo ya ka e ratehang ba e entse lefeella le lebe.
11. Ba e sentse; e lla pela ka ka baka la tshenyo; lefatshe lohle le senyehile, ke hobane ho se motho ya le elellwang pelong ya hae.
12. Basenyi ba ntse ba fihla marallaneng wohle a lefeella, hobane lerumo la Jehova le timetsa ho nka pheletsong e nngwe ya lefatshe ho isa pheletsong e nngwe; ha ho motho le a mong ya nang le kgotso.