Jeremia 11:5-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. ke tle ke phethe kano eo ke e anneng ho bontata lona moholo, ka re: Ke tla ba nea lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Yaba ke a araba, ka re: Ho be jwalo, Jehova!

6. Jehova a re ho nna: O ke o tumise mantswe ana kaofela metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: Mamelang mantswe a selekane sena, le nne le a etse.

7. Hobane nkile ka omela bontata lona, mohla ke ba nyollang lefatsheng la Egepeta ho fihlela tsatsi lena, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ka omela, ka re: Mamelang lentswe la ka.

8. Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka.

9. Jehova a ba a re ho nna: Ho entswe morero ke batho ba Juda le ke baahi ba Jerusalema:

10. Ba boetse bokgopong ba bontata bona moholo ba kileng ba hana ho utlwa mantswe a ka, ba tsamaela medimo esele ho e sebeletsa. Ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e se e robile selekane seo ke neng ke se hlabile le bontata bona.

11. Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya ba hlahisetsa kotsi eo ba ke keng ba e phema; ba tla howeletsa ho nna, empa ha ke na ho ba utlwa.

12. Esita le metse ya Juda le baahi ba Jerusalema, ba tla ya, ba howeletse ho medimo eo ba e tjhesetsang dibano, empa e ke ke ya ba thusa letho tsatsing la tsietsi ya bona.

13. Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.

14. Mme wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa ba phahamisetsa mohoo leha e le thapelo, hobane mohla ba bitsang ho nna ka baka la tsietsi ya bona, ha ke na ho ba mamela.

15. Moratwana wa ka o sa na le eng ka tlung ya ka, ha ho ntse ho etswa ke yena bolotsana bo bongata? Le nama e kgethehileng e ya tloswa ho wena. Ereha o etsa bobe, ke hona o thabang!

16. Jehova o ne a o reile lebitso la mohlwaare o motala o motle, wa ditholwana tse ratehang. Ka modumo o moholo o o tukiseditse mollo, mme makala a wona a kgebotswe.

17. Hobane Jehova wa makgotla, ya neng a o hlomile, o hlile a laela bobe bakeng sa hao, ka baka la bolotsana ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, boo ba bo entseng, ba tle ba nkgalefise ka ho tjhesetsa Baale dibano.

18. Jehova a ntsebisa, mme ka tseba; ke moo o ileng wa mpontsha diketso tsa bona.

Jeremia 11