1. Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, la re:
2. Mamelang mantswe a selekane sena, le a bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema.
3. O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ho rohakwe motho ya sa mameleng mantswe a selekane sena,
4. seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,
5. ke tle ke phethe kano eo ke e anneng ho bontata lona moholo, ka re: Ke tla ba nea lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Yaba ke a araba, ka re: Ho be jwalo, Jehova!