Jeremia 10:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ha o phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a wona.

14. Motho e mong le e mong o thotofetse, o hlokile tsebo; moqhibidisi e mong le e mong o hlabiswa dihlong ka setshwantsho sa hae, hobane setshwantsho sa hae se tsholotsweng ke leshano feela, ha ho phefumoloho ho sona.

15. Ntho tseo ke bosawana, ke mesebetsi e somehang; mohla di kgalemelwang, di tla fela.

16. Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.

17. O bofe thoto ya hao, o falle naheng ena, wena ya dutseng mahlomoleng.

18. Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya betsa baahi ba lefatshe ka letjeketjane, ke ya ba patisa, ba tle ba tshwarwe.

19. Jo! jo nna! ke robehile! Leqeba la ka hase le ho nqeta! Empa ka re: Kannete, ke lona lefu la ka, e ka kgona ke nne ke le mamelle.

20. Tente ya ka e sentswe, mehala ya ka kaofela e kgaohile: bara ba ka ba ntlohetse, ha ba sa le yo; ha ho sa le ya ka hlomang tente ya ka, leha e le ya ka sarollang metlotlwane ya ka.

21. Hobane badisa ba thotofetse, ha ba ka ba batla Jehova; ka baka leo, ha ba ka ba atleha, mehlape yohle ya bona e a qhalanngwa.

22. Ho utlwahala modumo; bonang, o se o etla, ke moferefere o moholo o tswang lefatsheng la Leboya, ho fetola metse ya Juda masupi, letsaba la diphokojwe.

23. Oho! Jehova, ke a tseba hobane tsela ya motho ha e matleng a hae, mme motho ya tsamayang a ke ke a lokisa dika tsa hae.

24. Jehova, o nkgalemele, empa e be ka tekano, e seng ka kgalefo ya hao, esere wa mphedisa.

25. O ke o tshollele kgalefo ya hao ditjhabeng tse sa o tsebeng le merabeng e sa rapeleng lebitso la hao; hobane ba jele Jakobo, ba mo jele le ho mo qeta, ba ripitlile leaho la hae.

Jeremia 10