1. Mamelang lentswe leo Jehova a le bolellang lona, ntlo ya Iseraele:
2. Ho itswe ke Jehova: Le se ke la itemaletsa mekgwa ya ditjhaba, le se ke la tshoswa ke dipontsho tsa lehodimo, kahobane ditjhaba di tshoswa ke tsona.
3. Hobane mekgwa ya ditjhaba ke bosawana, hobane ho ye ho rengwe sefate morung, se be se sebetswe ke matsoho a mmetli ka selepe.
4. Ba se kgabise ka silefera le ka kgauta; ba se kgokgothele ka dipekere le ka noto, hore se se ke sa sisinyeha.
5. Medimo ya tsona e jwaloka sefate se setjhitja tshimong ya mahapu, mme ha e bue; e a jarwa, ke hobane ha e tsebe ho tsamaya. Le se ke la e tshaba, hobane ha e etse hampe, le hona e fela e sitwa le ho etsa hantle.
6. Ha ho ya jwaloka wena, Jehova; o moholo, lebitso la hao le leholo ka baka la matla a hao.
7. Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.
8. Bohle hammoho ke mawatla le dithoto; thuto ya bona ke bohata, ke sefate!
9. Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene.
10. Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona.