8. O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.
9. Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.
10. Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.
11. Mme lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona lekala la sefate sa amanda.
12. Jehova a re ho nna: O bontshisitse, hobane ke fadimehela lentswe la ka ho le etsahatsa.
13. Lentswe la Jehova la tla ho nna la bobedi, la re: O bonang? Ka re: Ke bona pitsa e belang, molomo wa yona o tswa nqa leboya.
14. Jehova a re ho nna: Tsietsi e tlang hodima baahi kaofela ba lefatshe e tla hlaha ka nqa leboya.