Jeremia 1:17-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.

18. Bona, kajeno, nna ke o etsa motse wa qhobosheane, le tshiya ya tshepe, le marako a koporo pela lefatshe lohle, le pela marena a Juda, le pela baholo ba teng, le pela baprista ba teng, le pela setjhaba sa lefatshe.

19. Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.

Jeremia 1