13. Lentswe la Jehova la tla ho nna la bobedi, la re: O bonang? Ka re: Ke bona pitsa e belang, molomo wa yona o tswa nqa leboya.
14. Jehova a re ho nna: Tsietsi e tlang hodima baahi kaofela ba lefatshe e tla hlaha ka nqa leboya.
15. Hobane bonang, ke a mema ditjhaba kaofela tsa mebuso ya leboya, ho bolela Jehova, hore di tle di bee se seng le se seng terone ya sona mabaleng a menyako ya Jerusalema, le pela marako a teng kaofela ka ho a kopela hare, le pela metse yohle ya Juda.
16. Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.
17. Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.