Jakobo 5:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Le ipheletse lefatsheng ka menate, le bone menyaka, le nontshitse dipelo tsa lona letsatsing la hlabo.

6. Le tswile, mme le bolaile ya lokileng, mme ha a ka a itwanela.

7. Empa haele lona, banabeso, le lebelle ka sebete, Morena a be a fihle. Bonang, molemi ha a ntse a lebeletse dijo tsa bohlokwa tsa lefatshe, o di lebella ka sebete, a be a fuwe pula ya tsheola le ya hwetla.

8. Le lona, lebellang ka sebete, mme le tiise dipelo tsa lona; hobane ho tla ha Morena ho haufi.

9. Banabeso, le se ke la beana melato, hore le se ke la ahlolwa. Bonang, moahlodi o eme pela monyako.

10. Banabeso, nkang mohlala wa mahlomola le wa sebete ho baporofeta ba buileng ka lebitso la Morena.

11. Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.

Jakobo 5