13. E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.
14. E mong hara lona ha a baba, a bitse baholo ba kereke, mme ba mo rapelle, ba ntse ba mo tlotsa ka ole ka lebitso la Morena.
15. Mme thapelo e entsweng ka tumelo e tla pholosa mobabi, mme Morena o tla mo tsosa diphateng; mme ekare ha a entse dibe, o tla tshwarelwa tsona.
16. Bolellanang ditshito tsa lona, mme le rapellane, le tle le fole. Thapelo ya ya lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha yona.
17. Elia e ne e le motho ya ikutlwang jwaloka rona; leha ho le jwalo, o kile a kopa ka merapelo hore ho se ke ha na pula, mme ka dilemo tse tharo tse nang le kgwedi tse tsheletseng pula ha e a ka ya na lefatsheng.
18. A boela a rapela, mme lehodimo la nesa pula, lefatshe le lona la boela la medisa dijo tsa lona.
19. Banabeso, ekare ha e mong ho lona a kgeloha nnete, mme e mong a mmusetsa ho yona,
20. eo a ke a tsebe hobane ya kgutlisitseng moetsadibe kgelohong ya hae, o pholositse moya lefung, mme o apesitse dibe tse ngatangata.