8. Ha le phetha molao oo e leng morena hara melao, kamoo o ngodilweng kateng ka ho re: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.
9. Empa ha le ya ka tshobotsi ya batho, le etsa sebe, mme le tsuwa ke molao, ka hore le batlodi ba wona.
10. Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.
11. Hobane ya itseng: O se ke wa feba, le hona o itse: O se ke wa bolaya. Jwale, leha o sa febe, o mpa o bolaya, o se o le motlodi wa molao.
12. Buang, mme le etse ka mokgwa o tshwanelang ba tlang ho ahlolwa ke molao wa tokoloho.
13. Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.
14. Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na?
15. Ha ngwanabo lona, kapa kgaitsedi ya lona, ba hlobotse, mme ba hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng,
16. mme e mong ho lona a re ho bona: Eyang ka kgotso, le futhumale, le kgore! athe ha le a ba nea tse batlwang ke mmele ya bona, ho thusang?