Jakobo 2:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Banabeso, tumelo eo le nang le yona ho Jesu Kreste, Morena wa kganya, le se ke la e kopanya le ho ya ka tshobotsi ya batho.

2. Hobane ekare ha monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng dikobo tsa bokgabane, a kena phuthehong ya lona, ho kena le mofumanehi ya dikobo di mpe;

3. ha le ka babatsa ya apereng dikobo tsa bokgabane, la re ho yena: Dula mona botleng, mme la re ho mofumanehi: Wena, ema mane! kapa: Dula mona tlasa bonamelo ba maoto a ka!

4. ana e ke ke yaba le kgethile ka dipelong tsa lona, mme le ahlotse ka mehopolo e mebe na?

5. Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?

6. Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?

7. Na hase bona ba nyefolang lebitso le letle leo le bitswang ka lona?

Jakobo 2