14. Empa motho e mong le e mong o ye a lekwe ke ho hohelwa le ke ho tjhatjhehiswa ke takatso eo e leng ya hae.
15. Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu.
16. Le se ke la thetseha, banabeso ba ratwang.
17. Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.
18. Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.
19. Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;
20. hobane kgalefo ya motho ha e phethe ho loka ha Modimo.
21. Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le tsohle tsa lonya, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng ka ho lona, le tsebang ho boloka meya ya lona.
22. Le be baetsi ba lentswe, e seng bautlwi feela ba ithetsang.