1. Ke le Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke re: Dumelang!
2. Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;
3. le ntse le tseba hobane ho lekwa ha tumelo ya lona ho hlahisa mamello;
4. mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle le be ba phethehileng, ba hodileng ruri, bao ho sa hlokweng letho ho bona.
5. Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.
6. Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya.
7. Ya jwalo a se ka a tshepa hobane a ka newa letho ke Morena.
8. Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.
9. Modumedi wa mofutsana a ithabele boholong ba hae.
10. Morui yena a ithabele bofutsaneng ba hae; hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.