8. Hopola hobane Jesu Kreste, e leng wa leloko la Davida, o tsohile bafung, kamoo Evangeli ya ka e bolelang kateng;
9. e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.
10. Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.
11. Le tshepehile lentswe le reng: Ekare ha re eshwa le yena, re tla phela le yena;
12. mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola;
13. ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola.
14. O ba hopotse taba tseo, mme o ba laele pela Morena hore ba se ke ba etsa kgang ka ditaba; kgang tseo ha di thuse letho, empa di senya ba di utlwang.
15. O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka.
16. O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang;
17. mme ditaba tsa bona di tla tswela pele jwaloka seso se kekang; hara bona ho na le Himenea le Filete,
18. ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang.
19. Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.
20. Ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa tsa mahong di teng le tsona tsa letsopa; tse ding ke tse hlomphuwang, tse ding ke tse sa hlomphuweng.
21. Jwale, ekare ha motho a itlhwekisa ka ho itima ntho tseo, o tla fetoha pitsa e kgethetsweng hlompho, e molemo ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e metle.