2 Timothea 1:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. ke ntse ke hopola meokgo ya hao, mme ke lakatsa haholo ho o bona, ke tle ke tlale thabo;

5. ke hopola le yona tumelo ya hao e se nang boiketsiso, eo pele e bileng ho Loise, nkgonao, le ho Eunise, mmao; mme le wena ke kgolwa ruri hoba e ho wena.

6. Ka baka leo, le jwale, ke sa o hopotsa ho tsosa mpho ya Modimo e leng ho wena ka peo ya matsoho a ka.

7. Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.

8. Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna ke leng moholehuwa wa hae, empa o inkele kabelo bohlokong ba Evangeli ka matla a Modimo,

9. o re bolokileng, o re bitsitseng ka pitso e halalelang, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka morero wa wona o tiileng le ka mohau oo re sitsitsweng ka wona ho Jesu Kreste, mehla ya bohloleho e eso ho qale;

10. mme jwale, o tswa pepeswa ka ho hlaha ha Mmoloki wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, a bea bophelo le ho se shwe leseding ka Evangeli,

11. eo ke beilweng mmoledi le moapostola wa yona, le moruti wa ditjhaba.

12. Hape, e sa le ka baka leo ke utlwiswang bohloko boo; empa ha ke hlajwe ke dihlong ke hona, kahobane ke tseba eo ke mo dumetseng, mme ke kgolwa ruri hore o na le matla a ho mpolokela seo ke se beileng ho yena, letsatsi lela le be le tjhabe.

13. O tiisetse mohlaleng wa ditaba tsa pholoho tseo o di utlwileng ho nna, tumelong le leratong le ho Jesu Kreste.

2 Timothea 1