1. Morena ha a dutse tlung ya hae, ha Jehova a mo phomoditse ka ho fedisa dira tsohle tsa hae tse mo teetseng hare,
2. morena a re ho moporofeta Nathane: Bona hle, nna ke ahile tlung ya dikedare, athe areka ya Modimo e dutse tlasa masela.
3. Nathane a re ho morena: Eya, o etse tsohle tse pelong ya hao, etswe Jehova a le ho wena.
4. Ka bona bosiu boo, lentswe la Jehova la tlela Nathane, la re:
5. Tsamaya, o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova: Na ke wena o reng, o ka nkgahela ntlo, ke tle ke dule ho yona na?