2 Samuele 6:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile.

13. Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.

14. Haele Davida, o ne a hobela ka matla wohle a hae pela areka ya Jehova; mme Davida o ne a apere efoda ya lene.

15. Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba tsamaisa areka ya Jehova jwalo, ka ditlatse le ka ho letsa diterompeta.

16. Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.

17. Ha ba fihla le areka ya Modimo, ba e bea tulong tsa yona, tenteng eo Davida a e hlometseng yona, mme Davida a boela a hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Jehova.

18. Eitse hobane Davida a qetelle ho hlaba mahlabelo a ditjheso le a teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Jehova wa makgotla.

19. A ba a abela setjhaba sohle, e leng bongata bohle ba Iseraele, banna le basadi, e mong le e mong, polokwe ya bohobe, le sesuma sa nama e besitsweng, le senkgwa sa morara. Setjhaba sa ntoo ikela e mong hae ha hae.

20. Davida le yena a boela hae ho ya hlohonolofatsa ntlo ya hae. Mikale, moradi wa Saule, a tswela ho ya kgahlanyetsa Davida, a re: Morena wa Iseraele o itlhomphile hakakang, ha a hlobotse kajeno pontsheng ya makgabunyane a bahlanka ba hae, jwalokaha ho ka hlobola motho wa lefeela!

2 Samuele 6