11. Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.
12. Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse borena ba hae ka baka le setjhaba sa hae sa Iseraele.
13. Jwale Davida, hobane a tlohe Hebrone, a eketsa a nka direthe le basadi Jerusalema; Davida a boela a tswallwa bara le baradi.
14. Ke ana mabitso a ba tswaletsweng yena a le Jerusalema: Ke Shammua, le Shobabe, le Nathane, le Salomone;
15. le Jibhare, le Elishua, le Nefege, le Jafia;
16. le Elishama, le Eliada, le Elifelethe.
17. Bafilesta ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Iseraele, ba futuha bohle ho ya lwantsha Davida; mme Davida ha a utlwa, a kena qhobosheaneng.
18. Bafilesta ha ba fihla, ba rasa kgohlong ya Barefaime.
19. Ebile Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla nyolohela mo lwantsha Bafilesta? Na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho Davida: Nyoloha, hobane ruri ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.
20. Yaba Davida o ya Baale-Peratsime, mme Davida a ba qhala teng, a re: Jehova o entse sekgeo direng tsa ka, jwalokaha metsi a ka etsa sekgeo. Ka baka leo, lebitso la teng le bitswa Baale-Peratsime (thota ya dikgeo).
21. Teng, Bafilesta ba lahla le ditshwantsho tsa medimo ya bona, mme Davida le banna ba hae ba ya le tsona.