4. oa bone ke Adonija, mora Haggithe; wa bohlano ke Shefathia, mora Abithale;
5. wa botshelela ke Jithreame, ka Egla, mosadi wa Davida; bao ba tswallwa Davida, a le Hebrone.
6. Ha ba ntlo ya Saule ba ntse ba lwana le ba ntlo ya Davida, Abnere a ipha matla tlung ya Saule.
7. Jwale Saule o ne a siile serethe, bitso la sona e le Ritspa, moradi wa Aja. Ishe-Boshethe a re ho Abnere: Ke kang ha o kene ho serethe sa ntate na?
8. Abnere a halefa haholo ke polelo tsa Ishe-Boshethe, a re: Na o re, ke hlooho ya ntja e sebeletsang Juda? Le kajeno, ke ntse ke etsetsa ntlo ya ntatao Saule, le banababo, le bahabo, ka mohau; hape, ha ke a ka ka o neela matsohong a Davida! Leha ho le jwalo o ntjarisa molato kajeno ka mosadi enwa na?
9. Modimo o etse Abnere ka hore le ka hore, ha ke sa etsetse Davida kamoo Jehova a mo hlapanyeditseng kateng,
10. ha a itse, o tla amoha ntlo ya Saule mmuso, a tiise terone ya Davida Iseraeleng le Juda, ho tloha Dane, le ho ya fihla Beerseba!
11. Mme Ishe-Boshethe a sitwa ho fetola Abnere ka taba leha e le nngwe ke ho tshaba.
12. Ebile Abnere o romela Davida manqosa a tswang ho yena, a re: Lefatshe ke la mang na? A eketsa a re: Hlaba selekane le nna; o tla bona letsoho la ka le o emela, hore ke sokollele Baiseraele bohle ho wena.
13. Davida a re: Ke teng, ke tla hlaba selekane le wena; ke mpa ke batla taba e le nngwe feela ho wena, ke re, o ke ke wa bona sefahleho sa ka, haese ha o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, ebe mohla o tla tla mpona.
14. Davida a romela manqosa ho Ishe-Boshethe, mora Saule, a re: Nnee Mikale, mosadi wa ka, eo ke inyaletseng yena ka lekgolo la mengala ya Bafilesta.
15. Yaba Ishe-Boshethe o romela ho lata Mikale ho monna wa hae Palthiele, mora Laishe.
16. Monna wa hae a mo sala morao, a ntse a lla, ho ya fihla Bahurime; Abnere a mpa a re ho yena: Kgutla, o boye. Mme a kgutla.