11. Davida, ha a tsoha hosasa, lentswe la Jehova la tlela moporofeta Gade, seboni sa Davida,
12. la re: Eya, o re ho Davida: Ho thwe ke Jehova: Ke o behela taba tse tharo; ikgethele e nngwe ho tsona, ke o etse yona.
13. Gade ha a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho yena: Hleka o re, o tlelwe ke tlala ka dilemo tse supileng naheng ya hao; kapa o re, o tla baleha ka kgwedi tse tharo pela dira tsa hao, di ntse di o lelekisa; kapa o re, ho tle lefu la sewa naheng ya hao ka tshiu tse tharo na? Ikgethele jwale, o bone hore na ke tla busetsa taba efe ho ya nthomileng.
14. Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.
15. Ha ho le jwalo, Jehova a nehela Iseraele lefu la sewa, ho qala ka nako ya hosasa, ho fihla nakong e beilweng, le ho tloha Dane, ho isa Beerseba. Ha eshwa batho ba mashome a supileng a dikete hara setjhaba.
16. Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.
17. Davida, ha a bona lengeloi le bolayang setjhaba, a bolella Jehova, a re: Bona, ke nna ke entseng hampe; nku tseo tsona di entseng? Tsoho la hao le otle nna le ntlo ya ntate!
18. Tsatsing lona leo, Gade a tla ho Davida, a re ho yena: Eya, o hahele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.
19. Ka polelo ya Gade, Davida a ya, kamoo Jehova a laetseng kateng.
20. Eitse Arauna ha a tadima, a bona morena le bahlanka ba hae ba etla ho yena. Yaba Arauna o tloha, a ya, a inamela fatshe ka sefahleho pela morena.
21. Arauna a re: Morena, monga ka, o tletseng ho mohlanka wa hae? Davida a re: Ke tlile ho reka seotlo ho wena, ke tle ke hahele Jehova aletare teng, hore lefu le tlohe setjhabeng.
22. Arauna a re ho Davida: Morena, monga ka, a nke feela, mme a hlahisetse Jehova kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, pholo ke tsena tsa setjheso; hape, mesebetsi ya ho pola le mesebetsi e meng ya dipholo e ka etsa patsi.