11. Ya mo hlahlamang, ke Shamma, mora Age, wa Harare. Bafilesta ba ne ba phuthehile Lehi, moo tshimo e leng teng e tletseng dinawa; setjhapa sa baleha pela Bafilesta.
12. Eo a mpa a ema bakeng seo, a lwanela setjhaba, a bolaya Bafilesta. Jehova a namolela Baiseraele haholo le ka yena.
13. Ba bararo ba dinatla tse mashome a mararo, ba theoha, ba fihla ho Davida, lehaheng la Adullame, mohla ho kotulwang; ntwa ya Bafilesta e ne e emisitse sekgutlong sa Barefaime.
14. Davida yena o ne a le seqhobong, mme sehlopha sa Bafilesta se ne se le Bethlehema.
15. Davida a lakatsa, a re: Ke mang ya tla nnosa metsi a sediba sa Bethlehema, se kgorong?
16. Bahale bao ba bararo ba ya, ba phunyaka makgotla a Bafilesta, ba ya kga metsi sedibeng sa Bethlehema se kgorong; ba a kga, ba tla le wona ho Davida; a mpa a hana ho a nwa, a a tshollela Jehova,
17. a re: Oho Jehova, a nke ke se ke ka etsa hoo; ha ke re, ke madi a banna bao ba ileng, ba tedile ho phela ha bona? Kahoo, a hana ho a nwa. Hoo ha etswa ke bahale bao ba bararo.
18. E mong ke Abishai, ngwanabo Joabe, mora Tseruja; ke e mong e moholo ho ba bararo ba bang; a betsa ka lerumo la hae, a hlaba ba makgolo a mararo, a iketsetsa lebitso hara ba bararo.
19. Ho ba bararo, ya eba yena ya roriswang; ya eba monga bona ke hona, a mpa a sa fihle ho ba bararo ba pele.
20. E mong ke Benaia, mora Jehojada, mora mohale e mong wa Kabtseele; a ba moholo ka diketso tsa hae. A bolaya tau tse pedi tse matla tsa Moabe; a boela a theoha, a bolaya tau e nngwe lemeneng, mohla lehlwa le kgethehang.
21. A bolaya le monna wa Moegepeta, ya sebopeho se tshabehang; leha Moegepeta a ne a tshwere lerumo letsohong la hae, yena Benaia a theohela ho yena ka molamu, a rutla lerumo letsohong la Moegepeta, a ba a mmolaya ka lona lerumo leo la hae.
22. Tseo tsa etswa ke Benaia, mora Jehojada; a iketsetsa lebitso hara bahale bao ba bararo.
23. Ho ba mashome a mararo, ya eba yena ya roriswang, a mpa a se ke a fihla ho ba bararo ba pele. Davida a mmea monna wa lekgotla la hae.
24. Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le e mong wa ba mashome a mararo; le Elkanane, mora Dodo wa Bethlehema;
25. le Shamma, wa Harode, le Elika wa Harode;