1. Mantswe a mang a Davida a ho qetella ke wona ana: Ho bolela Davida, mora Jese; ho bolela monna ya phahamiseditsweng hodimo, motlotsuwa wa Modimo wa Jakobo, moroki ya kgahlehang wa Iseraele.
2. Moya wa Jehova o bua ka nna, lentswe la hae le lelemeng la ka.
3. Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,
4. o jwaloka lesedi la meso, ha tsatsi le tjhaba, ha meso e se na maru; pula ha e tswa na, mahlasedi a lona a medisa jwang lefatsheng.
5. Ha ke re, ntlo ya ka e jwalo pela Modimo, hobane o hlabile le nna selekane se sa feleng, se lokileng kahohle, se tiileng! Ha ke re, o tla medisa polokeho ya ka yohle le tsohle tse lakatswang ke nna!
6. Haele ba bolotsana, kaofela ha bona ba ka meutlwa e lahlwang, e se nang ho tshwarwa ka letsoho;
7. eo monna ya e amang, e ka kgonang a tshware selepe kapa theko ya lerumo; mme e tjhesetswa ka mollo hona moo e leng teng.
8. Ke ana mabitso a dinatla tsa Davida: Joshebe-Bashebethe, wa Thakhemone, hlooho ya balaodi. A betsa ka lerumo la hae, mme ka tsatsi le le leng, a hlaba batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi.
9. Ya mo hlahlamang ke Eleasare, mora Dodai, wa Akoke; ke e mong wa dinatla tse tharo tsa pele, tse nnileng tsa ya le Davida, li sa tshabe Bafilesta mohla ba phuthehileng ka ntwa, banna ba Iseraele ha ba balehetse maralleng.
10. Yena a ema, a bolaya Bafilesta, ha ba ha kgathala letsoho la hae, la kgomarela sabole. Ke ka yena Jehova a namoletseng Baiseraele haholo mohlang oo, setjhaba sa ba sa kgutla le yena e le hore se hape feela.
11. Ya mo hlahlamang, ke Shamma, mora Age, wa Harare. Bafilesta ba ne ba phuthehile Lehi, moo tshimo e leng teng e tletseng dinawa; setjhapa sa baleha pela Bafilesta.
12. Eo a mpa a ema bakeng seo, a lwanela setjhaba, a bolaya Bafilesta. Jehova a namolela Baiseraele haholo le ka yena.
13. Ba bararo ba dinatla tse mashome a mararo, ba theoha, ba fihla ho Davida, lehaheng la Adullame, mohla ho kotulwang; ntwa ya Bafilesta e ne e emisitse sekgutlong sa Barefaime.