23. dikahlolo tsohle tsa hae tsa nna tsa eba pela ka; le melao ya hae ha ke a ka ka e furalla.
24. Ke hlokile ho nyatseha pela hae, mme ke ipolokile ke se ke ka etsa bokgopo.
25. Ka baka leo, Jehova o mputsitse ka ho loka ha ka le ka ho hlweka ha ka pela mahlo a hae.
26. Ya molemo o mo etsa ka molemo; monna ya lokileng o mo etsa ka ho loka;
27. ya hlwekileng o mo etsa ka ho hlweka ha hae; ya kgopo o mo etsa ka bokgopo ba hae.
28. Setjhaba se ikokobetsang o a se pholosa; empa mahlo a hao a tjametse baikgohomosi hore o ba kokobetse.
29. Efela ke wena lebone la ka, Jehova: Jehova o edisa lefifi la ka.
30. Ka wena, nka itihela hodima lekgotla la dira; ka Modimo wa ka, nka tlola lerako.