1. Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng:
2. Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka.
3. Modimo ke lefika la ka leo ke tshabelang ho lona; ke thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, qhobosheane e phahameng ya ka, le setshabelo sa ka, Mopholosi wa ka ya nnamoletseng bothateng!
4. Ke howeletsa, ke re: Jehova o loketse ho bokwa! Mme ke namolelwa matsohong a dira tsa ka.
5. Maqhubu a lefu a ne a nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse;
6. marapo a lebitla a ne a ntikile, mamena a lefu a ne a ntshwasitse.
7. Matswalong a ka, ka bitsa ho Jehova, ka hoeletsa ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mme mohoweletso wa ka wa finyella ditsebeng tsa hae.
8. Teng, lefatshe la reketla, la thothomela; metheo ya mahodimo ya keqa, ya sisinyeha, kahobane a ne a halefile.
9. Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.
10. A namisa lehodimo, a theoha; lefifi le letenya le ne le le tlasa maoto a hae.
11. A kalla kerubime, a fofa; a bonwa a fofa ka dipheo tsa moya;
12. a ikgurumetsa ka lefifi, a ikopa ka maqhubu a metsi le ka maru a matsho.
13. Kganyeng e mo eteletseng pele ha tswa mashala a hlenneng.
14. Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae.