5. Kahoo, Amasa a ya mema Juda, a mpa a dieha, a tlola nako eo a e beetsweng.
6. Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.
7. Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri.
8. Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.
9. Joabe a re ho Amasa: Ana o sa dutse ka kgotso na, ngwaneso? Joabe a ba a tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona, a re o a mo aka;
10. athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng.Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.
11. Mohlankana e mong wa Joabe a ema pela setopo sa Amasa, a re: Ya ratang Joabe, le ya reng ka Davida, ba latele Joabe.
12. Amasa o ne a phethohaka mading a hae, mmileng o moholo. Monna eo ha a bona hobane setjhaba sohle se ema teng, a tlosa Amasa mmileng, a mo lahlela thoko naheng, a akgela kobo hodima hae, kahobane a ne a bona hobane bohle ba tla teng, le ho ema teng.
13. Eitse hobane a tloswe mmileng, banna bohle ba feta, ba latela Joabe ho phallela Sheba, mora Bikri.
14. Sheba eo a nna a ya le meloko yohle ya Iseraele, ho ya fihla Abele-Bethe-Maaka. Bahale bohle ba phutheha, ba mo latela.
15. Jwale, ba Joabe ba fihla, ba thibella Sheba Abele-Bethe-Maaka; ba emisa tutudu e potang motse, e sikang le lerako, mme banna bohle ba leng ho Joabe ba phunya lerako ba tle ba le heletse.
16. Yaba mosadi ya hlalefileng o howeletsa a le motseng, a re: Utlwang! Utlwang! Bolellang Joabe, le re: Atamela kwano, ke tle ke bue le wena.
17. Ha a atametse pela hae, mosadi a re: A ke wena Joabe na? A re: Ke nna enwa. Mosadi a re ho yena: Mamela polelo tsa lekgabunyane la hao. Joabe a re: Ke a mamela.
18. Mosadi a re: Kgale ba ne ba bua taba, ba re: Botsisang taba Abele! Mme taba di ne di fela moo.
19. Motse wa heso ke o mong motse o ratang kgotso, o tshepehang Iseraeleng, athe wena o pheheletse ho fedisa motse oo e leng mma batho Iseraeleng; o ratelang ho metsa lefa la Jehova?
20. Joabe a mo fetola, a re: E be hole le nna, e be hole le nna, taba ya hore ke heletse, kapa ke timeletse;
21. taba ha e jwalo; empa monna o teng wa thaba ya Efraime, lebitso la hae ke Sheba, mora Bikri; o kwenehetse morena Davida; ha le ka nneela yena a le mong, ke tla tloha pela motse. Mosadi a re ho Joabe: Bona, hlooho ya hae e tla akgellwa wena lerakong.
22. Jwale, mosadi a ya ka bohlale boo ba hae ho setjhaba sohle; ba ba ba kgaola Sheba, mora Bikri, hlooho, ba e akgella Joabe. A letsa terompeta, mme banna ba hae ba tloha pela motse, e mong le e mong a ipoella hae tenteng ya hae, Joabe yena a kgutlela ho morena Jerusalema.
23. Ha ho le jwalo, Joabe ya nna ya eba molaodi wa makgotla wohle a Iseraele: Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe;