4. Ebile morena o re ho Amasa: Mmemele banna ba Juda ka tshiu tse tharo, le wena o ke o be teng.
5. Kahoo, Amasa a ya mema Juda, a mpa a dieha, a tlola nako eo a e beetsweng.
6. Ka baka leo, Davida a re ho Abishai: Jwale, Sheba, mora Bikri, o tla re senyetsa ho feta Absalome; eya, wena le bahlanka ba monga hao, o mo phallele, esere mohlomong a bona metse e marako, a re phonyohela jwalo.
7. Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri.
8. Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.
9. Joabe a re ho Amasa: Ana o sa dutse ka kgotso na, ngwaneso? Joabe a ba a tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona, a re o a mo aka;
10. athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng.Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.
11. Mohlankana e mong wa Joabe a ema pela setopo sa Amasa, a re: Ya ratang Joabe, le ya reng ka Davida, ba latele Joabe.