2 Samuele 2:2-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Kahoo, Davida a ya teng, a ena le basadi ba hae ba babedi, e le Akinohame wa Jisreele, le Abigaile, mosadi wa Nabale, wa Karmele.

3. Davida a ya le banna ba hae, e mong le e mong a ena le ba ntlo ya hae, mme ba dula metseng ya Hebrone.

4. Ebile banna ba Juda ba tla teng, ba tlotsa Davida, ba mmea morena wa ntlo ya Juda.Ha tsebiswa Davida, ha thwe: Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.

5. Yaba Davida o romela manqosa ho banna ba Jabeshe-Gileade, a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, kahobane le etseditse Saule, morena wa lona, molemo, le bile le mo epetse.

6. Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.

7. Jwale, tiisang matsoho a lona, le etse ka senna; hobane haele Saule, morena wa lona, o timetse, mme nna ba ntlo ya Juda ba ntlotsitse hore ke be morena wa bona.

8. Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.

9. Teng, a mmea morena wa Gileade, le wa Bageshure le wa Jisreele, le wa Efraime, le wa Benjamine, le wa Baiseraele bohle.

10. Ishe-Boshethe, mora Saule, o ne a le dilemo tse mashome a mane ha a qala ho busa Israele, mme a busa ka lemo tse pedi. Ke ba ntlo ya Juda feela ba kileng ba latela Davida.

11. Haele bongata ba tshiu tseo Davida a busitseng ntlo ya Juda ka tsona a le Hebrone, ke dilemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng.

12. Abnere, mora Nere, ba ena le bahlanka ba Ishe-Boshethe, mora Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.

13. Le Joabe, mora Tseruja, ba ena le bahlanka ba Davida, ba tswa, ba ya teana le bona letsheng la Gibeone; bana ba ema ka kwano ho letsha, bao ba ema ka nqane ho letsha.

14. Yaba Abnere o re ho Joabe: Bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pela rona. Joabe a re: Ba ka ema.

15. Ebile ba ema, ba tswela kahare, ba le palo tse lekanang, ba Ishe-Boshethe, mora Saule, e le Babenjamine ba leshome le metso e mmedi; bahlanka ba Davida le bona ba le leshome le metso e mmedi.

16. E mong le e mong a tshwara ka hlooho ya emeng maloka le yena, a mo hlaba ka sabole lehlakoreng, ba wa hammoho; ka baka leo, bitso la teng la rewa Helkathe-Hatsurime (tshimo ya disabole); e pela Gibeone.

17. Tsatsing lona leo, ha lwanwa ntwa e tshabehang haholo; mme Abnere le banna ba Iseraele ba qhalwa ke bahlanka ba Davida.

18. Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.

2 Samuele 2