7. Ema jwale, o tswe, o bue hantle le bahlanka ba hao; hobane ke hlapanya ka Jehova, ke re, ha o sa tswe, ho ke ke ha sala motho le a mong le wena bosiung bona boo, mme kotsi ena e tla fetisa dikotsi tsohle tse o hlahetseng haesale le botjheng ba hao, le ho tlisa nakong ya jwale.
8. Ebile morena o tsoha, a ya dula kgorong, mme setjhaba sohle sa itlisa teng pela morena.Haele Baiseraele, ba ne ba balehetse e mong le e mong hae tenteng ya hae.
9. Jwale, setjhaba sohle, melokong yohle ya Iseraele, se ne se tsekisana, se re: Morena o re namoletse matsohong a dira tsa rona, o bile o re pholositse ho Bafilesta, athe jwale o balehile lefatsheng ka baka la Absalome.
10. Haele Absalome eo re neng re itlotseditse yena, o shwele ntweng; ha le bolele keng lentswe la hore ho boele ho latwe morena?
11. Morena Davida a romela ho baprista Tsadoke le Abiathare, a re: Buang le baholo ba Juda, le re: Le diehetseng ho kgutlisetsa morena tlung ya hae, athe polelo tsa Baiseraele bohle di se di fihlile ho morena moo a leng teng?
12. Ke lona le leng banabeso, le masapo a ka, le nama ya ka; le diehetseng ho lata morena?
13. Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.
14. A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.
15. Ha ho le jwalo, morena a kgutla, a ba a fihla Jordane; le Bajuda ba fihla Gilgale, ho tla kgahlanyetsa morena le ho mo tshedisa Jordane.
16. Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime, a phakisa a ya le batho ba Juda ho kgahlanyetsa morena Davida.
17. O ne a na le sekete se seng sa banna ba Benjamine, hammoho le Tsiba, mohlanka wa ntlo ya Saule, le bara ba hae ba leshome le metso e mehlano, le bahlanka ba hae ba mashome a mabedi. Ba tla ba tshela Jordane, pontsheng ho morena.
18. Ba tshedisa le sekepana sa ho tshedisa ba ntlo ya morena, le ho etsa kahohle kamoo a ka ratang kateng. Haele Shimei, mora Gera, eitse hobane morena a tshele Jordane, a itihela fatshe pela morena,
19. a re ho morena: Oho monghadi, o se ke wa mpea molato, le ho hopola o se ke wa hopola kamoo mohlanka wa hao a kileng a o sitelwa kateng, mohla morena, monga ka, a neng a tlohile Jerusalema; morena a se ke a elellwa taba eo pelong ya hae;