2 Samuele 18:5-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Morena a laela Joabe le Abishai le Ittai, a re: Baballang mohlankana Absalome ka baka la ka. Le setjhaba sohle sa utlwa, ha morena a laela balaodi bohle ba ntwa bakeng sa Absalome.

6. Jwale, setjhaba sa tswela naheng ho ya kopanya ntwa le Baiseraele, mme ntwa ya lwana morung wa Efraime.

7. Teng, setjhaba sa Iseraele sa hlolwa ke bahlanka ba Davida, le polao ya bona ya eba kgolo tsatsing leo, ya eba kete tse mashome a mabedi.

8. Hobane teng, ntwa ya qhalana ka lefatshe lohle, mme tsatsing leo moru wa eja batho ba fetisang ba jelweng ke lerumo.

9. Haele Absalome, a tshoha a kgahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o ne a kaletse esele; esele ha e fihla tlasa makala a lohaneng a sefate se selelele sa terebinte, hlooho ya Absalome ya tshwaswa sefateng sa terebinte, mme a leketla hara sebaka, mahareng a lehodimo le lefatshe; esele e tlasa hae yona ya feta.

10. Monna e mong, ha a bona hoo, a tsebisa Joabe, a re: Bona, ke bone Absalome a lepeletse sefateng sa terebinte.

11. Joabe a fetola monna ya mo tsebisang, a re: Mme ha o mmone, ha o a ka wa mmolaya keng hona moo? Nka be ke o neile dishekele tsa silefera tse leshome le senyepa.

12. Monna eo a re ho Joabe: Le hojane nka newa dishekele tse sekete matsohong a ka, ke be nke ke ka isa letsoho la ka ho ngwana morena, etswe morena a o laetse, wena le Abishai le Ittai, re ntse re utlwa, a re: Bonang hore ho se be motho ya amang mohlankana Absalome.

13. Le hojane ka etsa ke pata, haele mona ho se taba e ka patelwang morena, le wena o ka be o mpoletse.

14. Joabe a re: Ha ke na ho dieha hakalo ka baka la hao. Yaba o nka marumo a mararo letsohong la hae, a hlaba Absalome pelong ka wona, Absalome a ntse a le hara sefate sa terebinte, a sa utlwa.

15. Bahlankana ba leshome, mahlahana a Joabe, ba teela Absalome hare, ba mo hlaba, ba mmolaisa.

16. Ebile Joabe o letsa terompeta, mme setjhaba sa lesela ho phallela Baiseraele; hobane Joabe a thibela setjhaba.

17. Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.

18. Absalome, ha a sa phela, o ne a nkile seemahale, a itlhometse sona sekgutlong sa morena ka ho re: Ha ke na mora ya tla hopotsa batho lebitso la ka. Le kajeno lena, se ntse se bitswa seemahale sa Absalome.

19. Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.

20. Joabe a re ho yena: Ho ke ke ha ya wena kajeno; o tla isa ditaba ka tsatsi le leng, empa kajeno lena, o ke ke wa isa ditaba, ka baka la hobane ngwana morena o timetse.

21. Yaba Joabe o re ho Kushi: Eya behela morena seo o se boneng. Kushi a inama pela Joabe, a ntoo matha.

22. Akimaatse, mora Tsadoke, a boela a re ho Joabe: Leha ho ka ba jwang le jwang, a nke ke mathe le nna kamora Kushi. Joabe a re: O pheheletseng ho matha, mora ka, athe taba eo o e isang hase e ka o fumantshang teboho?

23. A mpa a re: Leha ho ka ba jwang le jwang, ke rata ho matha. Joabe a re ho yena: Matha. Ebile Akimaatse o matha ka tsela ya lehwatata la Jordane, a ba a feta Kushi.

24. Haele Davida, o ne a dutse pakeng tsa kgoro tse pedi, molebedi a ntse a tsamaya hodima lerako, hodima monyako. Ha a tadima, a bona ho hlaha monna ya mathang a nnotshi.

25. Molebedi a hoeletsa, a tsebisa morena. Morena a re: Ha a le nnotshi, ke ya tlisang ditaba. A nna a tsamaya, a atamela.

2 Samuele 18