2 Samuele 18:18-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Absalome, ha a sa phela, o ne a nkile seemahale, a itlhometse sona sekgutlong sa morena ka ho re: Ha ke na mora ya tla hopotsa batho lebitso la ka. Le kajeno lena, se ntse se bitswa seemahale sa Absalome.

19. Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.

20. Joabe a re ho yena: Ho ke ke ha ya wena kajeno; o tla isa ditaba ka tsatsi le leng, empa kajeno lena, o ke ke wa isa ditaba, ka baka la hobane ngwana morena o timetse.

21. Yaba Joabe o re ho Kushi: Eya behela morena seo o se boneng. Kushi a inama pela Joabe, a ntoo matha.

22. Akimaatse, mora Tsadoke, a boela a re ho Joabe: Leha ho ka ba jwang le jwang, a nke ke mathe le nna kamora Kushi. Joabe a re: O pheheletseng ho matha, mora ka, athe taba eo o e isang hase e ka o fumantshang teboho?

23. A mpa a re: Leha ho ka ba jwang le jwang, ke rata ho matha. Joabe a re ho yena: Matha. Ebile Akimaatse o matha ka tsela ya lehwatata la Jordane, a ba a feta Kushi.

24. Haele Davida, o ne a dutse pakeng tsa kgoro tse pedi, molebedi a ntse a tsamaya hodima lerako, hodima monyako. Ha a tadima, a bona ho hlaha monna ya mathang a nnotshi.

25. Molebedi a hoeletsa, a tsebisa morena. Morena a re: Ha a le nnotshi, ke ya tlisang ditaba. A nna a tsamaya, a atamela.

26. Molebedi a bona monna e mong wa bobedi ya mathang; molebedi a ba a memetsa molebedi wa monyako, a re: Ho hlahile monna e mong hape ya mathang a nnotshi. Morena a re: Le yena o tlisa ditaba.

27. Molebedi a eketsa a re: Ke batla ke re, ho matha ha wa pele ho tshwana le ho matha ha Akimaatse, mora Tsadoke. Morena a re: Ke motho ya molemo, o tlisa taba tse molemo.

28. Yaba Akimaatse o hoeletsa, a re ho morena: Tsohle di lokile! A inamela fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya neetseng matsohong a hao banna ba kwenehetseng morena, monga rona.

2 Samuele 18