13. Le hojane ka etsa ke pata, haele mona ho se taba e ka patelwang morena, le wena o ka be o mpoletse.
14. Joabe a re: Ha ke na ho dieha hakalo ka baka la hao. Yaba o nka marumo a mararo letsohong la hae, a hlaba Absalome pelong ka wona, Absalome a ntse a le hara sefate sa terebinte, a sa utlwa.
15. Bahlankana ba leshome, mahlahana a Joabe, ba teela Absalome hare, ba mo hlaba, ba mmolaisa.
16. Ebile Joabe o letsa terompeta, mme setjhaba sa lesela ho phallela Baiseraele; hobane Joabe a thibela setjhaba.
17. Ba nka Absalome, ba mo lahlela sekoting se seholo morung, mme ba mo qhobela ka qubu e kgolo haholo ya majwe. Haele Baiseraele bohle, ba balehela e mong le e mong hae tenteng ya hae.
18. Absalome, ha a sa phela, o ne a nkile seemahale, a itlhometse sona sekgutlong sa morena ka ho re: Ha ke na mora ya tla hopotsa batho lebitso la ka. Le kajeno lena, se ntse se bitswa seemahale sa Absalome.
19. Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.
20. Joabe a re ho yena: Ho ke ke ha ya wena kajeno; o tla isa ditaba ka tsatsi le leng, empa kajeno lena, o ke ke wa isa ditaba, ka baka la hobane ngwana morena o timetse.
21. Yaba Joabe o re ho Kushi: Eya behela morena seo o se boneng. Kushi a inama pela Joabe, a ntoo matha.
22. Akimaatse, mora Tsadoke, a boela a re ho Joabe: Leha ho ka ba jwang le jwang, a nke ke mathe le nna kamora Kushi. Joabe a re: O pheheletseng ho matha, mora ka, athe taba eo o e isang hase e ka o fumantshang teboho?
23. A mpa a re: Leha ho ka ba jwang le jwang, ke rata ho matha. Joabe a re ho yena: Matha. Ebile Akimaatse o matha ka tsela ya lehwatata la Jordane, a ba a feta Kushi.
24. Haele Davida, o ne a dutse pakeng tsa kgoro tse pedi, molebedi a ntse a tsamaya hodima lerako, hodima monyako. Ha a tadima, a bona ho hlaha monna ya mathang a nnotshi.
25. Molebedi a hoeletsa, a tsebisa morena. Morena a re: Ha a le nnotshi, ke ya tlisang ditaba. A nna a tsamaya, a atamela.
26. Molebedi a bona monna e mong wa bobedi ya mathang; molebedi a ba a memetsa molebedi wa monyako, a re: Ho hlahile monna e mong hape ya mathang a nnotshi. Morena a re: Le yena o tlisa ditaba.
27. Molebedi a eketsa a re: Ke batla ke re, ho matha ha wa pele ho tshwana le ho matha ha Akimaatse, mora Tsadoke. Morena a re: Ke motho ya molemo, o tlisa taba tse molemo.
28. Yaba Akimaatse o hoeletsa, a re ho morena: Tsohle di lokile! A inamela fatshe ka sefahleho pela morena, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya neetseng matsohong a hao banna ba kwenehetseng morena, monga rona.
29. Morena a re: Na mohlankana Absalome o sa pholohile na? Akimaatse a re: Ke bone moferefere o moholo, ha Joabe a roma mohlanka e mong wa morena, a nthoma le nna ke leng mohlanka wa hao, ke mpa ke sa ka ka tseba hore na ke wang?
30. Morena a re: Sutha, o eme mono. Mme a sutha, a emela thoko.