2. Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.
3. Ke tla sokollela setjhaba sohle ho wena, hobane, ha ho ka shwa motho eo o mmatlang, etlaba setjhaba se sokolohetse ho wena kaofela ha sona, mme setjhaba se tla ba le kgotso.
4. Taba eo ya kgahla Absalome le baholo bohle ba Iseraele.
5. Absalome a mpa a re: Ha ho ke ho bitswe Hushai Moarke, re utlwe molomo wa hae le yena.
6. Hushai ha a etla ho Absalome, Absalome a mmolella, a re: Akitofele o buile ka mokgwa o itseng; ana re tla etsa ka polelo ya hae, kapa tjhe? Bua le wena.
7. Hushai a re ho Absalome: Keletso eo Akitofele a eleditseng ka yona nakong ena, ha e ntle.
8. Hushai a eketsa a re: O tseba ntatao le banna ba hae, hobane ke bahale ba pelo di babang, jwaloka bere e amohilweng madinyane a yona naheng; hape, ntatao ke monna wa ntwa, a ke ke a robala le sera.
9. Ekaba le jwale o ipatile sekoting se seng, kapa kahosele; leha ba bang ho ba kwano ba ka wa, ntwa e sa qala, ya eba taba e utlwahalang, ya utlwang o tla re: Kotsi e hlahetse setjhaba se latelang Absalome.
10. Ha ho le jwalo, esita le eo e leng senatla, eo pelo ya hae e kang pelo ya tau, o tla fokola haholo, etswe Baiseraele bohle ba tseba hobane ntatao ke mohale, le hobane banna bao a nang le bona ba matla ntweng.