7. Shimei a rohakana, a re: Tloha, tloha, motho ya madi, motho wa Beliale!
8. Jehova a busetse ho wena madi wohle a ntlo ya Saule, eo o ikentseng morena tulong tsa hae. Jehova o neile mora hao Absalome mmuso, mme bona, o tshwasitswe ke bobe ba hao, etswe o le motho ya madi.
9. Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.
10. Morena a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja? A nne a rohakane bo! Ha Jehova a mmoleletse hore a rohake Davida, ke mang ya ka reng ho yena: O etsetsang jwalo?
11. Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.
12. Ekaba Jehova o tla tadima tshwenyeho ya ka, hore Jehova a busetse botle ho nna bakeng sa hlapa tsa kajeno tsa motho eo.
13. Kahoo Davida le banna ba hae ba ya pele ka tsela ya bona; Shimei yena a nna a ya le mothati wa thaba, malokana le Davida, a ya a ntse a rohakana, a mmetsa ka majwe, a thuntsha lerole.
14. Davida, le batho bohle bao a nang le bona, ba fihla Ajefime, ba phomola teng.
15. Haele Absalome, o ne a tlile Jerusalema, a ena le setjhaba sohle sa Iseraele, a ena le yena Akitofele.
16. Yaba Hushai Moarke, motswalle wa Davida, o tla ho Absalome; Hushai a re ho Absalome: A ho phele morena! A ho phele morena!
17. Absalome a re ho Hushai: Na ke lona lerato leo o ratang motswalle wa hao ka lona na? Ha o a ka wa ya le motswalle wa hao keng?
18. Hushai a re ho Absalome: Tjhe; eo e leng ya kgethilweng ke Jehova, le ke setjhaba sena, le ke Baiseraele bohle, ke yena eo ke tla ba wa hae, ke dule ho yena.
19. Hape, nka sebeletsa mang, haese mora hae? Jwalokaha ke sebeleditse ntatao, ke tla o sebeletsa le wena jwalo.
20. Ebile Absalome o re ho Akitofele: Eletsanang e le lona hore na e ka kgona re etse jwang?
21. Akitofele a re ho Absalome: Kena ho direthe tsa ntatao, tseo a di siileng hore di lebele ntlo; etlare Baiseraele bohle ha ba utlwa hobane o ikentse ya nkgang ho ntatao, matsoho a bohle ba tlileng ho wena a tla tiiswa.
22. Ebile ho hlomelwa Absalome tente hodima ntlo, mme Absalome a kena ho direthe tsa ntatae pontsheng ho Baiseraele bohle.