4. Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.
5. Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.
6. A betsa Davida ka majwe, le bahlanka bohle ba morena Davida, le setjhaba sohle, le bahale bohle, ba tsamayang ho le letona le ho le letshehadi la morena.
7. Shimei a rohakana, a re: Tloha, tloha, motho ya madi, motho wa Beliale!
8. Jehova a busetse ho wena madi wohle a ntlo ya Saule, eo o ikentseng morena tulong tsa hae. Jehova o neile mora hao Absalome mmuso, mme bona, o tshwasitswe ke bobe ba hao, etswe o le motho ya madi.
9. Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.
10. Morena a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja? A nne a rohakane bo! Ha Jehova a mmoleletse hore a rohake Davida, ke mang ya ka reng ho yena: O etsetsang jwalo?
11. Davida a eketsa a re ho Abishai le ho bahlanka ba hae bohle: Bonang, ha esita mora ka ya tswileng maleng ho nna, a pheheletse ho mpolaya, Mobenjamine eo o tshwanetse ho mo fetisa hakakang! Mo tloheleng, a nne a rohake, etswe Jehova a mo laetse.
12. Ekaba Jehova o tla tadima tshwenyeho ya ka, hore Jehova a busetse botle ho nna bakeng sa hlapa tsa kajeno tsa motho eo.
13. Kahoo Davida le banna ba hae ba ya pele ka tsela ya bona; Shimei yena a nna a ya le mothati wa thaba, malokana le Davida, a ya a ntse a rohakana, a mmetsa ka majwe, a thuntsha lerole.
14. Davida, le batho bohle bao a nang le bona, ba fihla Ajefime, ba phomola teng.
15. Haele Absalome, o ne a tlile Jerusalema, a ena le setjhaba sohle sa Iseraele, a ena le yena Akitofele.
16. Yaba Hushai Moarke, motswalle wa Davida, o tla ho Absalome; Hushai a re ho Absalome: A ho phele morena! A ho phele morena!
17. Absalome a re ho Hushai: Na ke lona lerato leo o ratang motswalle wa hao ka lona na? Ha o a ka wa ya le motswalle wa hao keng?
18. Hushai a re ho Absalome: Tjhe; eo e leng ya kgethilweng ke Jehova, le ke setjhaba sena, le ke Baiseraele bohle, ke yena eo ke tla ba wa hae, ke dule ho yena.