21. Akitofele a re ho Absalome: Kena ho direthe tsa ntatao, tseo a di siileng hore di lebele ntlo; etlare Baiseraele bohle ha ba utlwa hobane o ikentse ya nkgang ho ntatao, matsoho a bohle ba tlileng ho wena a tla tiiswa.
22. Ebile ho hlomelwa Absalome tente hodima ntlo, mme Absalome a kena ho direthe tsa ntatae pontsheng ho Baiseraele bohle.
23. Mehleng eo, keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka yona, e be e kgodisa jwaloka eka ho botsitswe molomo wa Modimo. Keletso tsohle tsa Akitofele di ne di le kalo ho Davida le ho Absalome.