1. Eitse hobane Davida a fete hloro ya thaba hanyenyane, ha fihla Tsiba, mohlanka wa Mefiboshethe, a tla kgahlanyetsa Davida, a tla le diesele tse pedi tse belesitseng makgolo a mabedi a mahobe, le lekgolo la dinkgwana tsa morara wa lengangajane, le lekgolo la mangata a difeiye, le lekuka la veine.
2. Morena a re ho Tsiba: O reng ka tseo? Tsiba a re: Diesele ke hore ba ntlo ya morena ba di palame; mahobe wona le mangata a difeiye e be dijo tsa bahlankana, veine yona e nowe ke ya kgathalang feelleng.
3. Morena a re: Mora monga hao o kae na? Tsiba a re ho morena: Bona, o setse Jerusalema ka ho re: Kajeno ntlo ya Iseraele e tla busetsa mmuso wa ntate ho nna.
4. Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.
5. Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.
6. A betsa Davida ka majwe, le bahlanka bohle ba morena Davida, le setjhaba sohle, le bahale bohle, ba tsamayang ho le letona le ho le letshehadi la morena.
7. Shimei a rohakana, a re: Tloha, tloha, motho ya madi, motho wa Beliale!
8. Jehova a busetse ho wena madi wohle a ntlo ya Saule, eo o ikentseng morena tulong tsa hae. Jehova o neile mora hao Absalome mmuso, mme bona, o tshwasitswe ke bobe ba hao, etswe o le motho ya madi.
9. Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho.