30. Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.
31. Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.
32. Davida eitse ha a fihla hlorong ya thaba moo Modimo o sebeletswang teng, Hushai Moarke a tla mo kgahlanyetsa, a hahotse kobo ya hae, a le dithole hloohong.
33. Davida a re ho yena: Ha o ka fetela pele le nna, o tla ba phahlo ho nna;
34. empa ha o ka boela hae, wa re ho Absalome: Oho, morena, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke bile mohlanka wa ntatao, ke be mohlanka wa hao jwale, moo o tla nketsetsa merero ya Akitofele ntho feela.