2 Samuele 14:5-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Morena a re ho yena: Ke efe taba ya hao? A re: Ke mosadi wa mohlolohadi; monna wa ka o timetse.

6. Jwale, lekgabunyane la hao le be le na le bara ba le babedi; ba qabana ba babedi naheng, ho se ya ba namolang; e mong a ba a beta wa bobedi, a mmolaya.

7. Jwale, bohle ba mofuta wa heso ba tsohetse lekgabunyane la hao matla, ba tlile, ba re: Re neele ya bolaileng ngwanabo, re tle re mmolaye ka baka la moya wa ngwanabo eo a mmolaileng, re timetse mojalefa. Ka ho etsa jwalo, ba rata ho tima leshala le hlenneng, le setseng ho nna, ba se ke ba siela monna wa ka lebitso, leha e le ya salang wa hae lefatsheng.

8. Ebile morena o re ho mosadi: O ikele hae haeno; ke tla laela bakeng sa hao.

9. Mosadi wa Tekowa a re ho morena: Morena, monga ka, molato o ke o bewe hodima ka le hodima ntlo ya ntate, morena yena a hloke molato, le yona terone ya hae.

2 Samuele 14