18. Morena a araba, a re: O se ke wa mpatela taba leha e le nngwe eo ke tla o botsa yona. Mosadi a re: Bua, morena, monga ka.
19. Morena a re: Ha ke re, letsoho la Joabe le na le wena tabeng tseo tsohle na? Mosadi a araba, a re: Oho morena, monga ka ka moya wa hao o phelang, taba eo ya hao ha e kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi; efela e dutse kamoo e boletsweng kateng ke morena, monga ka; efela ke mohlanka wa hao Joabe ya ntaetseng, ya beileng le taba tsena tsohle molomong wa lekgabunyane la hao.
20. Ke mohlanka wa hao, Joabe ya entseng mokgwa oo, hore taba eo e tsamaiswe ka mokgwa o mong. Haele monga ka, o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, ho tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.
21. Ebile morena o re ho Joabe: Bona, ke ya e etsa taba eo; eya, o late mohlankana Absalome.
22. Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama, a boka morena. Joabe a ba a re: Kajeno lena, mohlanka wa hao o tseba hobane o bone mohau ho wena, monga ka, hobane morena o entse se kopilweng ke mohlanka wa hae.
23. Yaba Joabe o tloha, a ya Geshure, a kgutlisetsa Absalome Jerusalema.
24. Morena a mpa a re: A ke a ye tlung ya hae, a se ke a bona sefahleho sa ka. Kahoo, Absalome a ya tlung ya hae, a se ke a bona sefahleho sa morena.
25. Ho ne ho se motho hohle Iseraeleng, ya tumileng ka botle ba hae, jwaloka Absalome; ho tloha bohatong ba maoto, ho isa hara hlooho, ho ne ho se kodi ho yena.
26. Enere ha a kuta hlooho ya hae, — o ne a ikuta ho feleng ha lemo se seng le se seng, hobane moriri o ne o mo imela, a nna a o kuta ke hona, — boima ba moriri wa hlooho ya hae e be e le ba dishekele tse makgolo a mabedi, ka tekanyo ya morena.
27. Absalome a tswallwa bashemane ba bararo le mosetsana a le mong; lebitso la hae e ne e le Tamare; e ne e le mosadi ya sebopeho se setle.
28. Absalome a dula lemo tse pedi Jerusalema, a ntse a sa bone sefahleho sa morena.
29. Yaba o bitsa Joabe, a tle a mo romele ho morena; Joabe a mpa a hana ho tla. A boela a romela la bobedi ho yena; le teng a hana ho tla.
30. A ba a re ho bahlanka ba hae: Le a e bona tshimo ya Joabe hobane e haufi le ya ka; e na le harese; eyang, le e tjhese. Bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo.
31. Ebile Joabe o tloha, a tla ho Absalome, tlung ya hae, a re ho yena: Bahlanka ba hao ba tjheseditseng tshimo ya ka?
32. Absalome a re ho Joabe: Bona, nkile ka romela ho wena, ka re: Tloo kwano, ke tle ke o romele ho morena, ka ho re: Ke tlohetseng Geshure? Ho ka be ho le molemo, hojane ke sa le hona teng. Jwale, a nke ke bone sefahleho sa morena; leha ke ena le molato, a mpe a mpolaye.
33. Yaba Joabe o tla ho morena, a mo phetela. Morena a bitsa Absalome; a tla ho morena, a inama fatshe ka sefahleho pela morena, mme morena a aka Absalome.