2 Samuele 14:15-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ke tlile jwale ho bolella morena, monga ka, taba ena, hobane batho ba ntshabisitse. Ke ka baka lena, ke le lekgabunyane la hao, ke itseng, ke tla bolella morena; mohlomong, morena a ka etsa ka polelo ya lekgabunyane la hae.

16. Efela morena o tla utlwa, a be a namolele lekgabunyane la hae matsohong a motho ya lakatsang ho re timetsa, nna le mora ke lefeng la Modimo.

17. Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.

18. Morena a araba, a re: O se ke wa mpatela taba leha e le nngwe eo ke tla o botsa yona. Mosadi a re: Bua, morena, monga ka.

19. Morena a re: Ha ke re, letsoho la Joabe le na le wena tabeng tseo tsohle na? Mosadi a araba, a re: Oho morena, monga ka ka moya wa hao o phelang, taba eo ya hao ha e kgelohele ho le letona, leha e le ho le letshehadi; efela e dutse kamoo e boletsweng kateng ke morena, monga ka; efela ke mohlanka wa hao Joabe ya ntaetseng, ya beileng le taba tsena tsohle molomong wa lekgabunyane la hao.

20. Ke mohlanka wa hao, Joabe ya entseng mokgwa oo, hore taba eo e tsamaiswe ka mokgwa o mong. Haele monga ka, o bohlale jwaloka lengeloi la Modimo, ho tseba tsohle tse etsahalang lefatsheng.

21. Ebile morena o re ho Joabe: Bona, ke ya e etsa taba eo; eya, o late mohlankana Absalome.

22. Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama, a boka morena. Joabe a ba a re: Kajeno lena, mohlanka wa hao o tseba hobane o bone mohau ho wena, monga ka, hobane morena o entse se kopilweng ke mohlanka wa hae.

23. Yaba Joabe o tloha, a ya Geshure, a kgutlisetsa Absalome Jerusalema.

24. Morena a mpa a re: A ke a ye tlung ya hae, a se ke a bona sefahleho sa ka. Kahoo, Absalome a ya tlung ya hae, a se ke a bona sefahleho sa morena.

25. Ho ne ho se motho hohle Iseraeleng, ya tumileng ka botle ba hae, jwaloka Absalome; ho tloha bohatong ba maoto, ho isa hara hlooho, ho ne ho se kodi ho yena.

26. Enere ha a kuta hlooho ya hae, — o ne a ikuta ho feleng ha lemo se seng le se seng, hobane moriri o ne o mo imela, a nna a o kuta ke hona, — boima ba moriri wa hlooho ya hae e be e le ba dishekele tse makgolo a mabedi, ka tekanyo ya morena.

27. Absalome a tswallwa bashemane ba bararo le mosetsana a le mong; lebitso la hae e ne e le Tamare; e ne e le mosadi ya sebopeho se setle.

28. Absalome a dula lemo tse pedi Jerusalema, a ntse a sa bone sefahleho sa morena.

29. Yaba o bitsa Joabe, a tle a mo romele ho morena; Joabe a mpa a hana ho tla. A boela a romela la bobedi ho yena; le teng a hana ho tla.

2 Samuele 14