2 Samuele 14:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Joabe, mora Tseruja, a lemoha hobane pelo ya morena e hlolohetswe Absalome.

2. Kahoo, Joabe a romela Tekowa, ho ya lata mosadi ya bohlale teng; a re ho yena: O ke o iketse ya hlomohileng, o apere le diaparo tsa bofifi; o se ke wa itlotsa ka ole, o mpe o ipee mosadi ya nnileng a llela motho ya shweleng halelele;

3. o ntano hlaha pela morena, o bue le yena ka hore le ka hore. Mme Joabe a mo kenya ditaba molomong.

4. Ha ho le jwalo, mosadi eo wa Tekowa a tla, a bua le morena; a fihla a inamela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Thusa, morena!

5. Morena a re ho yena: Ke efe taba ya hao? A re: Ke mosadi wa mohlolohadi; monna wa ka o timetse.

6. Jwale, lekgabunyane la hao le be le na le bara ba le babedi; ba qabana ba babedi naheng, ho se ya ba namolang; e mong a ba a beta wa bobedi, a mmolaya.

7. Jwale, bohle ba mofuta wa heso ba tsohetse lekgabunyane la hao matla, ba tlile, ba re: Re neele ya bolaileng ngwanabo, re tle re mmolaye ka baka la moya wa ngwanabo eo a mmolaileng, re timetse mojalefa. Ka ho etsa jwalo, ba rata ho tima leshala le hlenneng, le setseng ho nna, ba se ke ba siela monna wa ka lebitso, leha e le ya salang wa hae lefatsheng.

8. Ebile morena o re ho mosadi: O ikele hae haeno; ke tla laela bakeng sa hao.

9. Mosadi wa Tekowa a re ho morena: Morena, monga ka, molato o ke o bewe hodima ka le hodima ntlo ya ntate, morena yena a hloke molato, le yona terone ya hae.

10. Morena a re: Ya ka o buisang, o ke o mo tlise ho nna, mme ha a sa tla hlola a o kgathatsa.

11. Mosadi a re: Morena a ke a hopole Jehova, Modimo wa hae, hore mophetetsi wa madi a se ke a eketsa ho senya, ka ho timetsa mora ka! Davida a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba le e nngwe ya moriri wa mora hao.

12. Mosadi a re: Lekgabunyane la hao le ke le eketse ho bua pela morena, monga ka. Morena a re: Bua.

13. Mosadi a re: Homme ke ka baka lang ha o hopotse ho etsetsa setjhaba sa Modimo taba e kale ka eo na? Ka taba eo morena a e boletseng, o ikentse motho ya kang o molato, kahobane morena a sa late ngwana hae ya lelekilweng.

2 Samuele 14